Controversy in the educational development of the black people of Mokwallo township, Vredefort district, 1920 - 1980.

16 March 2012

Sepheo Kgolo ka phatlalatso ena ke ho lokodisa tshitisa e tlisitsweng ke dikgohlano pakeng tsa dikereke tse fapaneg ntshetsopeleng ya thuto ya baBatsho motseng wa Mokwallo. Phatlalatso e tla boela e totobatsa tshwaetso ya mmuso wa nako eo, haholo ntlha kemo Ie leano la ana mabapi Ie thuto ya batho ba batsho. Ho tea mohlala, tshimolohong, thuto ya ba basweu e nele boikarabelo ba mmuso ka botlalo, athe thuto ya ba batsho jwalo ka motseng wa Mokwallo e simolotswe ke boitelo ba Kereke ya Wesele. Se bang pepeneneng ka phatlalatso ena, ke hare, ho ja mmuso o tlohile o tsheheditse thuto ya ba batsho motseng wa Mokwallo tshimolohong; mme le sekolo sa Mokwallo sa seke sa aparelwa ke dikgohlano pakeng tsa dikereke tse fapaneng ho fihlela lemong tsa bo 1950's, thuto ya ba batsho motseng wa Mokwallo mohlomong e ka be ntlafetse ho feta kamoo re e bonang ele kateng kajeno.